Yaba ba re ho Moshe: “Na ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho tla shwela lehwatateng moo? Keng ntho ee eo o e entseng ho rona, ha o re ntshitse Egepeta?
mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!”
batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;
Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.”
Setjhaba sa nyatsa Modimo le Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha le re nyolotse Egepeta, hore re tlo shwela moo lehwatateng? Mona ha ho na dijo, ha ho na le metsi, re tenehile le ke dijo tsena tse mpe!”
“Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.