La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 12:2 - BIBELE

“Ho lona kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho dikgwedi; e tla ba kgwedi ya pele ya selemo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho lona, e be yona eo le qalang dikgwedi tsa ngwaha ka yona.

Ver Capítulo



Eksoda 12:2
14 Referencias Cruzadas  

Ka kgwedi ya pele, e leng kgwedi ya Mmesa, selemong sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Ahashuerushe, ha etswa Pure, e leng lotho, moo Hamane a ntseng a le teng. Hona ha nna ha etswa ka tsatsi le leng le le leng la kgwedi e nngwe le e nngwe, ho ya fihla kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.


Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le naheng ya Egepeta, a re:


Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka shwalane, le tla ja bohobe bo sa lomoswang ho fihlela ka shwalane ya letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi.


Bolellang setjhaba sohle sa Iseraele, le re: ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, ho ya ka malapa a bo-ntata bona, lelapa ka leng le be le konyana.


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


Kajeno lena, ka kgwedi ya Mmesa, le a tsamaya.


“O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta. “Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.


“O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa.


Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, selemong sa bobedi, Leaho la hlongwa.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, o tla nka pohwana e se nang sepha, o hlwekise Sehalalelo.


“ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, le tla etsa mokete wa Paseka, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.


“ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ka nako ya phirimana, ke Paseka ya Morena.


“ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele ke Paseka ya Morena.


“Hlokomelang kgwedi ya Mmesa, ka ho keteka Paseka ya Morena Modimo wa lona, hobane ke ka kgwedi eo ya Mmesa Morena Modimo wa lona, a neng a le ntshe Egepeta e le bosiu.