Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 23:15 - BIBELE

15 “O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta. “Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:15
25 Referencias Cruzadas  

“Ho lona kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho dikgwedi; e tla ba kgwedi ya pele ya selemo.


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


Kajeno lena, ka kgwedi ya Mmesa, le a tsamaya.


“O se ke wa dieha ho nntshetsa karolo ya tseo di kotutseng, le tseo o di ritetseng ka morara. “O tle o nkgethele bana ba hao ba matsibolo.


“O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa.


O tla lopolla letsibolo la tonki ka konyana; ha o sa le lopolle, o le sothe molala. Bara ba hao bohle ba matsibolo o tla ba lopolla. “Batho ba se ke ba hlaha kapele ho nna ba itsolokile.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng eo ke le naeng yona, mme le kotula tseo e di behileng, le tla tlisetsa moprista ngata ya dilopotsiya tsa lona.


Ke tla tla ke nkile eng ha ke eya ho Morena? Ke tla obama jwang kapele ho Ya Hodimodimo? Na ke tla fihla ke nkile nyehelo ya setjheso, ke nkile nyehelo ya manamane a selemo?


Ka letsatsi la pele la mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ha ho hlajwa dikonyana tsa Paseka, barutuwa ba Jesu ba re ho yena: “O rata ha re ya o lokisetsa ho jela Paseka kae?”


Batswadi ba Jesu ba ne ba eya Jerusalema ka selemo le selemo, moketeng wa Paseka.


Jwale ha fihla letsatsi la bohobe bo sa lomoswang, leo konyana ya Paseka e neng eka kgona e hlajwe ka lona.


Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang.


“Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha. Nakong ya mokete wa bohobe bo sa lomoswang, le nakong ya mokete wa dibeke, le nakong ya mokete wa maphephe, ho se be le ya mong wa lona ya tla hlaha kapele ho Morena a itsolokile.


Baprista ba re ho bona: “Haeba le kgutlisa areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le se ke la e kgutlisa e se na letho, empa ruri eka kgona le romele Modimo nyehelo e tlosang sebe. Ke hona le tla phekoleha, mme le tsebe le lebaka leo ka lona a sa kang a kgaotsa ho le otla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios