Empa Morena a re ho Davida, ntate: ‘O ne o lakatsa ho nkgahela Tempele, mme ke hantle ha o ile wa lakatsa jwalo.
BaFilipi 4:14 - BIBELE Leha ho le jwalo, le entse hantle ha le nthusitse tsietsing ya ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Leha ho le jwalo, le entse hantle, ha le nthusitse bohloking ba ka. Baasraak Sotho NT Leha ho le jwalo, le entse hantle, ha le bile le kabelo mahlomoleng a ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le jwalo, le entse hantle, ha le bile le kabelo mahlomoleng a ka. |
Empa Morena a re ho Davida, ntate: ‘O ne o lakatsa ho nkgahela Tempele, mme ke hantle ha o ile wa lakatsa jwalo.
“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’
Ba ikemiseditse ho etsa jwalo, etswe ba ne ba tlamehile ho etsa jwalo, hobane ha Bajuda ba ile ba arolelana tsa moya le baditjhaba, eka kgona le baditjhaba ba sebeletse Bajuda ka tsa lefatshe lena.
Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.
Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.
Ba etse tse lokileng, ba rue mesebetsi e metle, ba fane ka matsoho a mabedi, ba arolelane le ba bang.
Ka nako e nngwe le ile la fetolwa se-bonwang-se-bonwa-ke-bohle ka ho hlapaolwa le ka ho hloriswa; ka nako e nngwe la etswa balekane ba ba etswang tse jwalo.
Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.
Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.
Nna Johanne, ngwanabo lona, ke le molekane wa lona ho Jesu matshwenyehong, le mmusong, le tiisetsong, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patamose, ka baka la ho bolela lentswe la Modimo le ho paka Jesu.