Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 4:15 - BIBELE

15 Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho phatlalatsa molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e kileng ya mpuseletsa letho bakeng sa thuso ya ka, haese lona feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le a tseba le lona, Bafilipi, hoba, enere ha ke tswa Masedonia, ha ke qala ho le bolella Evangeli, ha ho a ka ha eba le kereke e nneileng letho le ka bitswang mpho, leha e le kamohelo, haese lona le nnotshi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho bolela molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e ileng ya nkamahanya le nna mabapi le ho fana le ho amohela, haese lona feela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho bolela molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e ileng ya nkamahanya le nna mabapi le ho fana le ho amohela, haese lona feela.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 4:15
12 Referencias Cruzadas  

Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.


Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”


Ha ba etswa tjhankaneng ba kena ha Lidia, ba bona badumedi, ba ba kgothatsa, ba nto tsamaya.


hobane ba Masedonia le ba Akaya ba ikemiseditse ho kenya letsoho thusong e etsetswang badumedi ba futsanehileng ba Jerusalema.


Bana beso, ke rata ho le tsebisa hore tse ntlhahetseng di entse hore molaetsa o molemo o atlehe haholo.


Ha e le bona ba etsa ka lerato, ba ntse ba tseba hore nna ke kwano ka baka la ho buella molaetsa o molemo.


hobane le ile la kopanela molaetsa o molemo wa Kreste le nna, ho tloha letsatsing la pele ho fihlela kajeno.


Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.


Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos