Bo-kgosi Hesikiya le mahosana ba fihla, mme ha ba bona diqubuqubu tsena ba rorisa Morena, ba hlohonolofatsa setjhaba.
BaFilipi 4:10 - BIBELE Morena o nthabisitse ha e le mona qetellong le ile la boela la nthahasella. Hase ho re le ne le sa nthahaselle, le mpile le sa fumane monyetla. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke thabile haholo Moreneng, kahobane jwale le boetse le nkgopotse; athe le ne le fela le hopotse, empa le ne le hloka sebaka. Baasraak Sotho NT Empa ke thabile haholo Moreneng, kahobane jwale le boetse le hodile ho nkgopola; moo le neng le tshwenyehile ka hona, empa le hlokile sebaka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke thabile haholo Moreneng, kahobane jwale le boetse le hodile ho nkgopola; moo le neng le tshwenyehile ka hona, empa le hlokile sebaka. |
Bo-kgosi Hesikiya le mahosana ba fihla, mme ha ba bona diqubuqubu tsena ba rorisa Morena, ba hlohonolofatsa setjhaba.
Na o tla nne o re halefele kamehla? Na kgalefo ya hao e ke ke ya kgaotsa ho isa melokong e tlang?
Ba tla boela ba dula moriting wa sona, ba leme mabele, ba a tjhaye haholo, ba etse dithunthung jwaloka fate sa morara, botumo ba bona e ke ba veine ya Lebanone.
Nakong eo ke neng ke ena le lona, ha ke a ka ka kgoka motho ha ke ne ke hloka, hobane bana babo rona ba tswang Masedonia ba nnile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke di hloka. Jwaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.
ka dipolelo tsa nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi,
Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.
Nna Paulosi, le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re dumedisa badumedi bohle bao e leng ba Kreste Jesu, ba leng Filipi, le baokamedi, le basebeletsi ba kereke, re re:
hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng.