Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 11:9 - BIBELE

9 Nakong eo ke neng ke ena le lona, ha ke a ka ka kgoka motho ha ke ne ke hloka, hobane bana babo rona ba tswang Masedonia ba nnile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke di hloka. Jwaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme leha ke ne ke sa le hara lona, ke le tsietsing ya bohloki, ha ke a ka ka kgathatsa motho; hobane baena ba tswang Masedonia ba mpabaletse ka seo ke neng ke se hloka; mme ke itlhokometse hore ke se ke ka le etsetsa boima le ka ntho leha e le nngwe le jwale ke sa tla iponela teng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Eitse ha ke ne ke le teng ho lona, ke hloka, ha ke a ka ka imetsa motho; hobane ke ne ke ntlafetse ke ne ke sitwa ke baena ba tswang Masedonia; mme dinthong tsohle ke itetile hore ke se ke ka le imetsa, mme ke tla etsa jwalo. Ke ipoloka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Eitse ha ke ne ke le teng ho lona, ke hloka, ha ke a ka ka imetsa motho; hobane ke ne ke ntlafetse ke ne ke sitwa ke baena ba tswang Masedonia; mme dinthong tsohle ke itetile hore ke se ke ka le imetsa, mme ke tla etsa jwalo. Ke ipoloka.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 11:9
16 Referencias Cruzadas  

Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo.


mme kaha e ne e le batho ba mosebetsi o le mong, a hlola le bona, mme ba sebetsa mmoho. Mosebetsi wa bona e ne e le wa ho etsa ditente.


Yare ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Paulosi a hapeha ke lentswe la Modimo ka ho tlala, a paka ho Bajuda hore Jesu ke Mesia.


Ha ke a ka ka tswela silefera pelo, kapa kgauta, kapa diaparo tsa motho.


hobane ba Masedonia le ba Akaya ba ikemiseditse ho kenya letsoho thusong e etsetswang badumedi ba futsanehileng ba Jerusalema.


Ke thabetse ho fihla ha Setefanase, le Foretunatose, le Akaikuse, hobane ke bona ba nthusitseng bosiyong ba lona.


Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,


Efela tshebetso ena ya ho thusa, hase feela e tla fokotsa bohloki ba badumedi, empa e tshwanetse ho ba mohlodi wa diteboho tse kgaphatsehang tse iswang ho Modimo.


Hape ke fumana ho lokela hore ke rome ngwanabo rona Epafaroditose, eo re thusaneng le yena mosebetsing le ntweng, eo le neng le mo laele ho tla ntshebeletsa ha ke ne ke hloka thuso.


Ha re eso batle thoriso ho batho, kapa ho lona, leha e le ho mang kapa mang,


Bana beso, le tla hopola kamoo re neng re sebetse ka thata kateng, ra fufulelwa! Ra na ra sebetsa motsheare le bosiu, hore ha re ntse re le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, re se ke ra kgoka mang kapa mang wa lona.


Ba tlepetswa ka majwe, ba kgaolwa mmele koto tse pedi, ba bolawa ka sabole. Ba ile ba phailaka ba apere matatana, ba futsanehile, ba hlorisitswe, ba hlekefeditswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos