BaFilipi 1:28 - BIBELE Le se ke la tshoswa ke bahanyetsi le ka mohla. Ho bao hona e tla ba pontsho ya hore ba tla timela, mme lona le pholohe, ebile e le ka thato ya Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) le hona le sa tshohe leha e le tabeng e le nngwe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontsho ya tshenyeho, empa ho lona ke ya poloko; mme hoo ho tswa ho Modimo. Baasraak Sotho NT Le se ke la tshoha bahanyetsi ba lona ka letho; hoo e leng pontsho ya tshenyeho ho bona, empa ho lona e tla ba pontsho ya poloko, e tswang ho Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la tshoha bahanyetsi ba lona ka letho; hoo e leng pontsho ya tshenyeho ho bona, empa ho lona e tla ba pontsho ya poloko, e tswang ho Modimo. |
Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.”
Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”
“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?
“Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.
Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.
“Ka baka lena tsebang hore pholoho ena e tswang ho Modimo e fetiseditswe ho baditjhaba; bona ba tla mamela.”
Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.
Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.
Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?”
O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.