Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 1:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 le hona le sa tshohe leha e le tabeng e le nngwe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontsho ya tshenyeho, empa ho lona ke ya poloko; mme hoo ho tswa ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Le se ke la tshoswa ke bahanyetsi le ka mohla. Ho bao hona e tla ba pontsho ya hore ba tla timela, mme lona le pholohe, ebile e le ka thato ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Le se ke la tshoha bahanyetsi ba lona ka letho; hoo e leng pontsho ya tshenyeho ho bona, empa ho lona e tla ba pontsho ya poloko, e tswang ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Le se ke la tshoha bahanyetsi ba lona ka letho; hoo e leng pontsho ya tshenyeho ho bona, empa ho lona e tla ba pontsho ya poloko, e tswang ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 1:28
24 Referencias Cruzadas  

Jehova, ke lebeletse topollo ya hao!


Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Yaba Jesu o re ho motho ya letsoho le omeletseng: Ema mona, hare.


mme nama yohle e bone poloko ya Modimo.


Mme etlare hobane yena a tle, o tla kgodisa lefatshe, hore sebe se teng, le ho loka, le kahlolo:


Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.


Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.


Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.


Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos