Baefese 4:4 - BIBELE Mmele o mong le Moya o mong, jwalokaha ho ena le tshepo e le nngwe eo le e bitseditsweng. Sesotho 1909/1961 (SO) Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona. Baasraak Sotho NT Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ya pitso ya lona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ya pitso ya lona; |
Oho, wena tshepo ya Iseraele, Mopholosi wa yona ka nako ya ditsietsi, ke hobaneng o kang moeti naheng ee, o kang motsamai ya fapohelang ho robaletsa?
Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang,
Le hoja re le bangata, re mmele o le mong, hobane bohobe bo bong, mme bohle re ja bohobe boo bo le bong.
Le fela le mamella ka thabo ha e mong a etla ho lona, a le tsebisa Jesu osele, eo re sa kang ra le tsebisa yena; kapa ha le amohela moya osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse; kapa molaetsa o molemo osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse.
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,
E ne e le hore a tle a ba boelanye le Modimo, ba babedi a ba etse mmele o le mong ka sefapano, a fedise bora ka sona.
Ke ka yena, rona bohle, Bajuda le baditjhaba, re nang le tokelo ya ho atamela ho Ntate ka Moya o le mong.
Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona:
ka baka la ho tshepa tseo le di boloketsweng mahodimong. Le utlwile tsa tshepo eo ka lentswe la nnete, e leng molaetsa o molemo
Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.
Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo Ntata rona ya re ratileng, eo mohaung wa hae a re fileng tshediso e sa feleng le tshepo e tiileng,
Nna Paulosi, maopostola wa Kreste Jesu, ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Jesu Kreste, tshepo ya rona,
e re neang tshepo ya bophelo bo sa feleng. Modimo ya sa thetseng o re tshepisitse bophelo bona, mehla e eso be teng.
re ntse re lebeletse lehlohonolo leo re le tshepisitsweng le ponahalo ya tlotla ya Modimo e Moholo, Jesu Kreste, Mopholosi wa rona.
e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng.
Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.
Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.