Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ya pitso ya lona;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Mmele o mong le Moya o mong, jwalokaha ho ena le tshepo e le nngwe eo le e bitseditsweng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ya pitso ya lona;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:4
28 Referencias Cruzadas  

Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


Empa re dumela hoba re tla bolokeha ka mohau wa Morena Jesu Kreste, jwalokaha bona.


Hobane dineo le pitso tsa Modimo ha di na pako.


Hobane rona ba bangata, re mmele o le mong, mme re mmele o le mong, hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.


Empa jwale, ditho di ngata, empa mmele o le mong.


Hobane ekare ha ya tlang a bolela Jesu e mong, eo re sa kang ra mo bolela, kapa le amohela moya osele oo le sa kang la o amohela, kapa Evangeli esele eo le sa kang la e amohela, le ka mo mamella.


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


le hore a boelane le Modimo ka mmele o le mong ka sefapano, ka ho bolaya lehloyo ka sona.


Hobane ka yena re na le katamelo ho Ntate ka Moya o le mong.


Eo le lona le ahilweng hammoho ho yena ho ba bodulo ba Modimo ka Moya.


Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.


Hobane re ditho tsa mmele wa hae, re nama ya hae, le masapo a hae.


Hobane tshepo eo le e boloketsweng lehodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete ya Evangeli;


Mme kgotso ya Modimo e buse dipelong tsa lona, eo le biletsweng yona mmeleng o le mong; mme le be le teboho.


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona;


Ka tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o ke keng wa bua leshano, o bo tshepisitseng pele lefatshe le eba teng;


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.


Bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


E mong le e mong ya nang le tshepo eo ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha yena a hlwekile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos