Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 3:7 - BIBELE

7 e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 hore, ha re se re beilwe ba lokileng ka mohau wa wona, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, jwalokaha re tshepile.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Tite 3:7
25 Referencias Cruzadas  

“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


Ha Jesu a tshwela tseleng, monna e mong a mathela ho yena, a kgumama kapele ho yena, a mmotsa, a re: “Moruti ya molemo, nka etsang hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?”


Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau.


Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.


Re dumela hore motho o lokafatswa ka tumelo, e seng ka ho phetha Molao.


Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,


Ha motho a sebeditse, moputso wa hae ha o balwe e le mpho, empa o balwa e le seo a se sebeleditseng.


Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.


Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao.


Ha e le mona le le ba Kreste, le ditloholo tsa Aborahama, mme le majalefa ka ho ya ka tshepiso.


Kahoo ha le sa le makgoba, le se le le bana ba Modimo, mme ha le le bana ba hae, le entswe majalefa ke Modimo.


Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo Ntata rona ya re ratileng, eo mohaung wa hae a re fileng tshediso e sa feleng le tshepo e tiileng,


e re neang tshepo ya bophelo bo sa feleng. Modimo ya sa thetseng o re tshepisitse bophelo bona, mehla e eso be teng.


Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse.


re ntse re lebeletse lehlohonolo leo re le tshepisitsweng le ponahalo ya tlotla ya Modimo e Moholo, Jesu Kreste, Mopholosi wa rona.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Ka tumelo ya eba mojaki naheng eo a e tshepisitsweng. A phela ditenteng le Isaka le Jakobo, bao e bileng majalefa a tshepiso e le nngwe hammoho le yena.


Ke moo Modimo a tiisitseng ka kano, kaha a ne a rata ho bontsha kahohlehohle majalefa a ditshepiso hore morero wa hae ha o fetohe.


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos