Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 3:7 - Baasraak Sotho NT

7 e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 hore, ha re se re beilwe ba lokileng ka mohau wa wona, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, jwalokaha re tshepile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Tite 3:7
25 Referencias Cruzadas  

Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Yare ha a tswela tseleng, e mong a matha, a kgumama pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke etse eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?


Mme ha e le ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau. Empa ha e le ka mesebetsi, ha e sa le mohau;


ba lokafatswa ntle ho tefo ka mohau wa hae ka topollo e ho Kreste Jesu.


Ka baka leo, re lekanya hore motho o bewa ya lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ya molao.


Ka baka leo, ke ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; hore pallo e tle e tiye leloko lohle; e seng ho bao e leng ba molao feela, empa le ho bao e leng ba tumelo ya Abrahama; ke yena ntata rona bohle.


Jwale ho ya sebetsang moputso ha o balwe e le mohau, empa e le molato.


Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.


Ba bang ba lona ba ne ba le jwalo, empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu Kreste le ka Moya wa Modimo wa rona.


Re ntse re tseba hore motho ha a lokafatswe ka mesebetsi ya molao, empa e le ka tumelo ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, hore re tle re bewe ba lokileng ka tumelo ya Kreste, e seng ka mesebetsi ya molao. hobane ha ho nama e ke keng ya lokafatswa ka mesebetsi ya molao.


Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ho ya ka pallo.


Ka baka leo, ha o sa le mohlanka, empa o mora; mme ha e le mora, ke mojalefa wa Modimo ka Kreste.


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


Ka tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o ke keng wa bua leshano, o bo tshepisitseng pele lefatshe le eba teng;


Hobane mohau wa Modimo o pholosang batho bohle o bonahetse.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


Na kaofela hase meya e sebeletsang, e rometsweng ho sebeletsa bao e tla ba majalefa a poloko?


Ka tumelo Noe, eitse hobane a lemoswe ke Modimo ka tse esong ho bonahale, ka tshabo, a lokisa areka ho pholosa ba ntlo ya hae; ka yona o ahlotseng lefatshe, mme a fetoha mojalefa wa ho loka ho tswang ka tumelo.


Ka tumelo o ile a jaka lefatsheng la pallo, jwaloka hoja a le naheng esele, a ahile ditenteng le Isaka le Jakobo, majalefa le yena a pallo eo.


Ke moo Modimo o ratileng haholo ho bontsha majalefa a pallo ho se fetohe ha morero wa wona, o o tiisitse ka kano.


Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?


Ka mokgwa o jwalo, le lona banna, dulang le bona ka tsebo, le ntse le hlompha basadi, jwaloka pitsa e fokolang, le majalefa hammoho le bona a mohau wa bophelo. hore merapelo ya lona e tle e se ke ya sitiswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos