Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 10:17 - BIBELE

17 Le hoja re le bangata, re mmele o le mong, hobane bohobe bo bong, mme bohle re ja bohobe boo bo le bong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Rona, bao re leng bangata, re mmele o le mong, kahoba bohobe bo le bong feela; hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Hobane rona ba bangata, re mmele o le mong, mme re mmele o le mong, hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane rona ba bangata, re mmele o le mong, mme re mmele o le mong, hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 10:17
17 Referencias Cruzadas  

ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.


Ha le ka ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa bademona. Ha le ka ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya bademona.


Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.


Lona le mmele wa Kreste. E mong le e mong wa lona ke setho sa wona.


Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.


Mmele wohle o kopanngwa ke yena, o tlamahanngwa manonyeletsong wohle ao o nang le wona. Ha setho ka seng se sebetsa kamoo se lokelang kateng, mmele o a hola, o imatlafatsa ka lerato.


Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong.


Mmele o mong le Moya o mong, jwalokaha ho ena le tshepo e le nngwe eo le e bitseditsweng.


Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.


Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.


Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos