Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.
Amose 7:11 - BIBELE Amose o bua tjena: “ ‘Jeroboame o tla bolawa, a bolawe ka sabole, ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) hobane Amose o itse: Jeroboame o tla shwa ka lerumo, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a tloswe lefatsheng la hae. |
Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.
Ke rorisa Modimo, hobane ke a mo tshepa, ke tshepa Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang?
Ke ka baka lang ha o porofeta ka lebitso la Morena, o re: ‘Tempele ena e tla tshwana le Shilo, motse ona o tla fetoha lesupi, o hloke baahi?’ ” Yaba setjhaba sohle se bokanela Jeremia ka Tempeleng ya Morena.
Yare hoba mahosana a utlwe mantswe ao wohle, a shebana a tshohile haholo, a re: “Ruri re tla tsebisa kgosi ditaba tsena tsohle!”
Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.
Yaba Amasiya, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, kgosi ya Iseraele, o re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona hara bana ba Iseraele. Naha ha e ka ke ya mamella puo tsena tsa hae.
Yaba Amasiya o bua ho Amose, o re: “Tloha mona, senohe towe! Kgutlela naheng ya Juda kwana! Tsamaya o yo porofetela teng, ba tle ba o ngwathele!
“Dibaka tsa borapedi tsa Isaka, di tla heletswa, le dihalalelo tsa Iseraele di fetolwe masupi; ke tla futuhela ntlo ya Jeroboame, ke e futuhele ka sabole ya ka.”
Beolang dihlooho, le di etse lekorana, le llele bana bao le ba ratang; le phumohe mafatla, le tshwane le tlake, hoba bana ba tla le siya, ba ye bothopuweng.
tsa re: “Motho enwa o itse: ‘Nka qhaqha Tempele ya Modimo, mme ka e tsosa ka matsatsi a mararo.’ ”
Re mo utlwile a re: ‘Jesu enwa wa Nasaretha o tla senya Nqalo ena, a fetole meetlo eo Moshe a re neileng yona!’ ”