Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 7:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 hobane Amose o itse: Jeroboame o tla shwa ka lerumo, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a tloswe lefatsheng la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Amose o bua tjena: “ ‘Jeroboame o tla bolawa, a bolawe ka sabole, ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Amose 7:11
13 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


Ba tsietsa, ba senya ditaba tsa ka ka dinako tsohle; mehopolo ya bona kaofela e lebile tshenyehong ya ka.


O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.


Eitse hobane ba utlwe mantswe ao kaofela, ba tshoha e mong le e mong, ba re ho Baruke: Re tla tsebisa morena mantswe ao kaofela.


Ke wona mantswe a Amose, e mong wa badisa ba Tekowa, e leng ditaba tseo a di boneng bakeng sa Iseraele, mehleng ya Osiase, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, ha ho sa tla feta dilemo tse pedi, ho ntoo ba tshisinyeho ya lefatshe.


Ebile Amatsia, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, Morena wa Iseraele, a re: Amose o o fetohetse kahara ntlo ya Iseraele; lefatshe le se le sitwa ho mamella dipolelo tsohle tsa hae;


Mme Amatsia a re ho Amose: Radipono, tloha, o balehele lefatsheng la Juda; o jele bohobe teng, o porofete teng.


Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.


Wena Sione, kuta moriri wa hao, o ipeole hlooho bakeng sa bara ba hao ba ratehang! Hodisa bofatla ba hao, bo be jwaloka ba letlaka, hobane ba ya kgolehong, hole le wena.


tsa re: Enwa o kile a re: Ke na le matla a ho qhaqha tempele ya Modimo, ke be ke e tsose ka matsatsi a mararo.


hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos