1 Samuele 2:5 - BIBELE Ba neng ba kgora, ba sebeletsa bohobe, ba neng ba lapa ba a kgora; e, nyopa e tswetse bana ba supile, ya belehileng haholo o setse a itlhophere. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba neng ba kgora, ba ile ho sebeletsa dijo; mme ba neng ba lapa, ha ba sa lapa; nyopa yona e tswetse ba supileng, mme ya nang le bana ba bangata o swabile. |
Naha e omeletse, e ponne, Lebanone e swabile, e a pona, Sharone e fetohile lehwatata, Bashane le Karamele di hlohloreha mahaba.
“Bina, wena nyopa, o sa kang wa beleha, tsanyaola, o bine ka thabo, wena o sa kang wa utlwa bohloko ba pelehi, hobane bana ba mosadi ya lahlilweng, ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng,” ho rialo Morena.
Ya nang le bana ba supileng o tla kgathala, a kgathalle ruri, a idibane. Tsatsi le tla mo dikella e ntse le motsheare, a hlajwe ke dihlong, a be a tlontlolohe. Masalla a setjhaba ke tla neelana ka wona, ke a nee dira di a bolaye ka sabole,” ho rialo Morena.
“Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.
hobane ho ngotswe, ho thwe: “Thaba, wena nyopa, wena ya sa beleheng; tsanyaola, o bine ka thabo, wena ya sa kang a utlwa bohloko ba pelehi; hobane bana ba mosadi ya lahlilweng ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng.”
O tla o tshedisa, a o fepe dilemong tsa botsofadi ba hao. Ngwetsi ya hao e o rata haholo, mme e molemo ho wena ho feta bara ba supileng.”
Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.”
Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari.