Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:15 - BIBELE

15 O tla o tshedisa, a o fepe dilemong tsa botsofadi ba hao. Ngwetsi ya hao e o rata haholo, mme e molemo ho wena ho feta bara ba supileng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A e ke e be motshedisi wa moya wa hao, le mofepi wa boqheku ba hao, etswe a tswetswe ke ngwetsi ya hao e o ratang, e leng motho ya molemo ho wena le ho feta bara ba supileng.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:15
10 Referencias Cruzadas  

Ke tla o baballa teng, hobane ho sa tla dilemo tse hlano tsa tlala, esere mohlomong wena, le ba lelapa la hao, le tsohle tseo o nang le tsona, la futsaneha.’


Josefa a fepa ntatae, le bana babo, le lelapa lohle la ntatae, ho ya ka palo ya baphedisuwa.


Leleme la hae le ne le le monate, empa bora bo ne bo le teng, bo le teng ka pelong ya hae. Mantswe a hae a ne a thoba hamonate, empa e ne e le disabole tse hlabang.


Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho.


Ho fihlela boqhekung ba lona ha ke eso fetohe, ke tla nne ke le pepe ho fihlela le eba bo-raputswe. Ke nna ya le bopileng, mme ke tla nne ke le sike, ke tla nne ke le pepe, ke le namolele.


Naomi a sika lesea, mme ya eba yena mohodisi wa lona.


Jwale Elekana, monna wa Anna, a re ho yena: “Anna, o llelang? Ke hobaneng ha o sa je? Ke hobaneng ha pelo ya hao e le bohloko? Na nna ha ke ntho ya bohlokwa ho wena ho feta bara ba leshome?”


Ba neng ba kgora, ba sebeletsa bohobe, ba neng ba lapa ba a kgora; e, nyopa e tswetse bana ba supile, ya belehileng haholo o setse a itlhophere.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos