Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:14 - BIBELE

14 Basadi ba re ho Naomi: “Kajeno ho bokwe Morena, ya sa kang a o tlohela o se na mojalefa. Moshanyana enwa a ke a tume naheng ya Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Basadi ba re ho Naomi: Ho bokwe Jehova, ya sa kang a o tima wa heno kajeno, eo lebitso la hae le tla tuma Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:14
13 Referencias Cruzadas  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


o re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya sa kang a lebala mohau wa hae le botshepehi ba hae ho monga ka. Ha e le nna, Morena o ntsamaisitse tseleng e nkisang tlung ya bana babo monga ka.”


Ya boela ya eba moimana hape, a tswala mora, mme a re: “Jwale ke tla boka Morena.” Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda; yaba o kgaotsa ho beleha.


Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.


Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos