ka letsoho la hao mpholose Morena, mpholose ho batho bana ba lefatshe, bao moputso wa bona o leng bophelong bona. Ba kgorise sa mpanaphatloha, ba kgorise ka tseo o ba boloketseng tsona; le bana ba bona ba tla di kgotsofalla, ba tle ba di siele le ditloholo tsa bona.
“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,
Na ha le tsebe hore ha le ineela motho ho ba makgoba a hae le ho mo mamela, le makgoba a eo le mo mamelang; e bang ke sebe se isang lefung, kapa mamelo e isang ho lokeng?
Kapa na ha le tsebe hore ya kopanelang dikobo le seotswa, o fetoha ntho e le nngwe le sona, hobane Mangolo a re: “Ba babedi ba tla fetoha ntho e le nngwe?”
Esita le mangeloi a sa kang a tiisetsa boemong ba wona, a furaletseng leaho la wona, o a boloketse kahlolo ya Letsatsi le leholo, a le ditlamong tse sa feleng, lefifing.