Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 6:19 - BIBELE

19 Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang, o leng teng ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Hape ha le ba lona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Eng? Ana ha le tsebe hoba mmele wa lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo, mme ha le ba lona?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Eng? Ana ha le tsebe hoba mmele wa lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo, mme ha le ba lona?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 6:19
17 Referencias Cruzadas  

Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Jwalokaha o se o boletse, monga ka, kgosi ya ka, ke wa hao; le tsohle tseo ke nang le tsona ke tsa hao.”


“Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.


Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae.


Morena a ke a fedise bohle, bohle ba maleme a monate, le bohle ba melomo e ikakasang,


Feela yena o ne a bua ka tempele eo e leng mmele wa hae.


Lona ha le laolwe ke botho, le laolwa ke Moya, haeba Moya wa Modimo o fela o phela ka ho lona; athe ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa Kreste.


Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?


E mong hape o re: “Dijo di etseditswe mpa, le mpa e etseditswe dijo.” E, feela Modimo o tla di fedisa bobedi ba tsona. Empa mmele hase wa bohlola, ke wa Morena, mme Morena ke mongwa wona.


Na ha le tsebe hore le mangeloi re tla a ahlola? Jwale re ka sitwa keng ho ahlola tsa bophelo boo?


Jwale Kreste o shwetse bohle, e le hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ba shwetseng, a ba a tsoha ka baka la bona.


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Kapa le hopola hore Mangolo ha a bolele letho, ha a re: “Moya oo Modimo a o kentseng ho rona o o boulela haholo?”


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos