Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ana ha le tsebe hoba re tla ahlola mangeloi na? Re fetisa hakakang ho ahlola ditaba tsa bophelo ba jwale!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Na ha le tsebe hore le mangeloi re tla a ahlola? Jwale re ka sitwa keng ho ahlola tsa bophelo boo?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ana ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi? tsa bophelo bona bo bokae?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ana ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi? tsa bophelo bona bo bokae?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 6:3
14 Referencias Cruzadas  

ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


ho fihlela Moholo wa matsatsi a ba a fihla, mme ho ahlolelwa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, le ho fihla mohla bahalaledi ba amohelang mmuso.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.


Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng?


Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke ditho tsa Kreste na? Na nka etsa ditho tsa Kreste ditho tsa seotswa? Tjhe, le ho leka!


Ana ha le tsebe hobane ya ikopanyang le seotswa, o iketsa mmele o le mong le sona na? Hobane ho itswe: Ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela.


Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang, o leng teng ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Hape ha le ba lona,


Ha ho le jwalo, ha le ena le ditseko ho tsa bophelo bona, le bea jwang ba sa balweng letho kerekeng ho di ahlola?


Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.


Hobane Modimo, ha o sa ka wa hauhela mangeloi a sitilweng, wa mpa wa a dihela diheleng, a tlamilwe ka mahlaahlela a lefifi, mme o a neetse ho bolokelwa kahlolo;


Hape, o bolokile ditlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ya letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba wona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos