Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 6:3 - BIBELE

3 Na ha le tsebe hore le mangeloi re tla a ahlola? Jwale re ka sitwa keng ho ahlola tsa bophelo boo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ana ha le tsebe hoba re tla ahlola mangeloi na? Re fetisa hakakang ho ahlola ditaba tsa bophelo ba jwale!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ana ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi? tsa bophelo bona bo bokae?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ana ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi? tsa bophelo bona bo bokae?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 6:3
14 Referencias Cruzadas  

ka letsoho la hao mpholose Morena, mpholose ho batho bana ba lefatshe, bao moputso wa bona o leng bophelong bona. Ba kgorise sa mpanaphatloha, ba kgorise ka tseo o ba boloketseng tsona; le bana ba bona ba tla di kgotsofalla, ba tle ba di siele le ditloholo tsa bona.


Yaba ho fihla Moholo wa Matsatsi, a ahlolela bahalaledi ba Ya Hodimodimo. Jwale nako ya fihla ya hore mmuso o newe bahalaledi.


“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng.


Na ha le tsebe hore ha le ineela motho ho ba makgoba a hae le ho mo mamela, le makgoba a eo le mo mamelang; e bang ke sebe se isang lefung, kapa mamelo e isang ho lokeng?


Na ha le tsebe hore mmele ya lona ke ditho tsa Kreste? Na nka nka ditho tsa Kreste, ka di etsa ditho tsa seotswa? Le kgale!


Kapa na ha le tsebe hore ya kopanelang dikobo le seotswa, o fetoha ntho e le nngwe le sona, hobane Mangolo a re: “Ba babedi ba tla fetoha ntho e le nngwe?”


Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong?


Ka baka leo, ha le ena le dinyewe tse amanang le bophelo boo, na le tla re di ahlolwe ke bao e seng letho ka kerekeng na?


Ha ho ya hlabanang ya ka itshitisang ka ditaba tsa bophelo bona, haeba a rata ho kgahlisa molaodi ya mo thotseng.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.


Modimo ha a a ka a qenehela mangeloi a entseng sebe, empa o ile a a dihela diheleng, madumeleng a lefifi, moo a boloketsweng letsatsi la kahlolo.


Esita le mangeloi a sa kang a tiisetsa boemong ba wona, a furaletseng leaho la wona, o a boloketse kahlolo ya Letsatsi le leholo, a le ditlamong tse sa feleng, lefifing.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos