1 Bakorinthe 1:8 - BIBELE Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste. Sesotho 1909/1961 (SO) e leng yena ya tlang ho le tiisa ho isa qetellong, le tle le be ba sa tlong ho nyatsuwa letsatsing la Morena wa rona Jesu Kreste. Baasraak Sotho NT Ke yena ya tla le tiisa ho isa qetellong, le tle le hloke sekodi ka letsatsi la Morena wa rona Jesu Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke yena ya tla le tiisa ho isa qetellong, le tle le hloke sekodi ka letsatsi la Morena wa rona Jesu Kreste. |
Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa.
Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.
Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
Ho tlotliswe ya nang le matla a ho le tiisa ka molaetsa o molemo wa ka, le ka thuto ya Jesu Kreste, le ka tshenolo ya sephiri se neng se patehile ho tloha tshimolohong,
Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo,
mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong.
motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.
Ha re a ka ra le ngolla letho, haese seo le se balang, le se utlwisisang. Empa ke tshepa hore le sa tla utlwisisa ka ho tlala
seo le seng le se utlwisisa kammoho, e le hore, Letsatsing la ho tla ha Morena Jesu, le tle le ithorise ka rona, jwalokaha le rona re tla ithorisa ka lona.
hore a tle a itlhophele kereke e kgabane, e se nang letheba, leha e le maswebe, leha e le tse ding tsa tse jwalo, e mpe e be e halalelang, e hlokang sekodi.
hore le tle le tsebe ho hlalohanya tse nang le thuso. Kahoo le tla hloka kodi le molato mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste,
Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu.
Empa kajeno Modimo o le boelantse le yena ka lefu la Kreste, ka mmele wa hae o shwang, e le hore le tsebe ho hlaha pela hae le le ba halalelang, ba se nang sekodi, ba hlwekileng.
Metso ya bophelo ba lona e ke e tebe ka ho yena, e be yena motheo wa bona; le tiye tumelong kamoo le e rutilweng kateng, mme teboho ya lona e kgaphatsehe.
Ka mokgwa ona a ke a matlafatse dipelo tsa lona, e tle ere mohla Morena wa rona Jesu a tlang le bahalaledi ba hae bohle, le halalele, le se ke la nyatseha mahlong a Modimo, Ntata rona.
Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.
Le se phakise ho ferekana maikutlo kapa ho tshoswa ke boporofeta, kapa dipolelo, kapa lengolo leo ho ka thweng le tswa ho rona, le reng Letsatsi la ho tla ha Morena le fihlile.
Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.
Morena a ke a mo fumantshe lereko ho Morena mohla Letsatsi lela. O tseba ho feta bohle kamoo a nthusitseng kateng ka tse ngata ha ke ne ke le Efese.
Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.
Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa.
Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tseo, etsang ka matla hore Modimo a le fumane le se na letheba leha e le sekodi, le ena le kgotso.