Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 17:24 - BIBELE

24 Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Hobane jwaloka lehadima, ha le hadima, le ye le hadime ho qala nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho isa nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho tla ba jwalo le Mora motho tsatsing la hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Hobane jwaloka lehadima, le hadima ho tloha karolong e nngwe e tlasa lehodimo, le benya ho isa karolong e nngwe tlasa lehodimo; Mora motho le yena o tla ba jwalo mehleng ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Hobane jwaloka lehadima, le hadima ho tloha karolong e nngwe e tlasa lehodimo, le benya ho isa karolong e nngwe tlasa lehodimo; Mora motho le yena o tla ba jwalo mehleng ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Luka 17:24
16 Referencias Cruzadas  

Dibopuwa tsena di ne di takolotsa, di eya pele le morao jwaloka lehadima.


Ke moo Morena a tla hlaha, a ba okamele, motsu wa hae o tsekeme sa lehadima. Morena Modimo o tla letsa lenaka, a tsamaye kahara difefo tsa borwa.


hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.


“Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”


lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung.


Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.


Le se phakise ho ferekana maikutlo kapa ho tshoswa ke boporofeta, kapa dipolelo, kapa lengolo leo ho ka thweng le tswa ho rona, le reng Letsatsi la ho tla ha Morena le fihlile.


hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.


Le lona le mamelle, le tiye dipelo, hobane ho kgutla ha Morena ho haufi.


Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos