Letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa. Utlwang! letsatsi la Jehova ke lena! Teng mohale o meketsa habohloko.
Tshenolo 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bona, ke se ke etla kapele. Boloka seo o nang le sona, e mong a tle a se ke a nka moqhaka wa hao. BIBELE “Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao. Baasraak Sotho NT Bona, ke tla kapele: tshwara seo o nang le sona, hore ho se be motho ya nkang moqhaka wa hao. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bona, ke tla kapele: tshwara seo o nang le sona, hore ho se be motho ya nkang moqhaka wa hao. |
Letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa. Utlwang! letsatsi la Jehova ke lena! Teng mohale o meketsa habohloko.
Hape, e mong le e mong ya pheileng kgang ya ho betana, o itima tsohle; athe bona ba etsa hore ba fuwe moqhaka o bolang; empa rona re etsetsa ho fuwa o sa boleng.
Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.
Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.
Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako.
Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang ditaba tsa boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; hobane nako ya tsona e se e le haufi.
Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!
O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.
Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo Satane a nang le terone ya hae teng; ke tseba le hobane o tiisitse lebitso la ka; mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, leha e le mohla Antipase, paki ya ka e tshepehang, a bolawang hara lona, moo Satane a ahileng teng.
Bonang, ke phakisa ke etla, mme ke tshwere moputso wa ka, ho putsa e mong le e mong ka ho lekanang diketso tsa hae.
Bona, ke se ke etla kapele! Ho lehlohonolo ya bolokang ditaba tsa boporofeta ba buka ena!
Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.
baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba ne ba wa ka mangwele pela ya dutseng teroneng, ba rapela ya phelang kamehla le mehla, mme ba ne ba akgela meqhaka ya bona pela terone, ba re:
Terone hape e ne e dikeditswe ke diterone tse ding tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutse, ba apere diaparo tse tshweu, ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.