Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 22:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bona, ke se ke etla kapele! Ho lehlohonolo ya bolokang ditaba tsa boporofeta ba buka ena!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Bona, ke tla tla kapele. Ho lehlohonolo ya bolokang mantswe a boporofeta a bukeng ena.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 22:7
12 Referencias Cruzadas  

Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang ditaba tsa boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; hobane nako ya tsona e se e le haufi.


Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!


O bake; ha ho se jwalo, ke tla phakisa ke tle ho wena, ke lwane le bona ka sabole ya molomo wa ka.


Bonang, ke phakisa ke etla, mme ke tshwere moputso wa ka, ho putsa e mong le e mong ka ho lekanang diketso tsa hae.


Ke pakela e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, hore, ha motho a ka di ekeletsa, Modimo o tla ekeletsa hodima hae dikotsi tse ngodilweng bukeng ena.


Mme ekare ha e mong a tlosa ho hong dipolelong tsa boporofeta ba buka ena, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae sefateng sa bophelo le motseng o halalelang tse ngodilweng bukeng ena.


Ya pakang ditaba tseo o re: E, ke tla kapele. Amen! Tloo, Morena Jesu!


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen!


Bona, ke se ke etla kapele. Boloka seo o nang le sona, e mong a tle a se ke a nka moqhaka wa hao.


Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos