Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 22:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke nna, Johanne, ya boneng, ya utlwileng ditaba tseo. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela ho kgumama maotong a lengeloi le mpontshitseng ntho tseo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Nna Johanne, ke utlwile tsena, mme ke di bone. Ha ke se ke di utlwile, mme ke di bone, yaba ke itihela maotong a lengeloi le neng le mpontsha tsena, ka re ke a le kgumamela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Nna Johanne ke bone taba tseo, ya di utlwang. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela fatshe ho kgumama pela maoto a lengeloi le mpontshang taba tseo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Nna Johanne ke bone taba tseo, ya di utlwang. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela fatshe ho kgumama pela maoto a lengeloi le mpontshang taba tseo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 22:8
6 Referencias Cruzadas  

Yaba morena Nebukadnesare o wa ka sefahleho, a kgumama pela Daniele, mme a laela hore a hlomphuwe ka mahlabelo a teboho le dibano.


Empa Petrose a mo tsosa, a re: Tsoha; le nna ke motho feela.


Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae,


Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,


Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.


Yaba ke bona sebata, le marena a lefatshe, le makgotla a wona, a phuthehetse ho lwana le ya kaletseng pere le makgotla a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos