Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hape, e mong le e mong ya pheileng kgang ya ho betana, o itima tsohle; athe bona ba etsa hore ba fuwe moqhaka o bolang; empa rona re etsetsa ho fuwa o sa boleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Bohle ba kenang tlhodisanong ba thapisa mmele ya bona. Empa bona ba etsa jwalo hore ba tle ba fumane mofapahlooho o senyehang; athe rona re etsa jwalo hore re tle re fumane o sa senyeheng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Mme mongwe le mongwe yo o gaisanang mo kgaisanong o ikgapa mo dilong tsotlhe. Jwale ba ho etsa hore ba nke moqhaka o bolang; empa rona re sa boleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Mme mongwe le mongwe yo o gaisanang mo kgaisanong o ikgapa mo dilong tsotlhe. Jwale ba ho etsa hore ba nke moqhaka o bolang; empa rona re sa boleng.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:25
18 Referencias Cruzadas  

Mme etlare ha ho bolang hona ho apere ho sa boleng, le ho shwang hona ho apere ho sa shweng, ke moo polelo e ngodilweng e tla phetheha, e itseng: Lefu le metsitswe ke hlolo.


Ha ho molao o hanang tse jwalo.


Lwana ntwa e ntle ya tumelo, o hape bophelo bo sa feleng, boo o bo bileditsweng, kamoo o seng o ipoletse kateng, ka bokgabane pela dipaki tse ngata.


Ekare ha motho a lwana peisong, a ke ke a rweswa moqhaka, ha a sa ka a lwana ka molao.


empa e be motho ya amohelang baeti, ya ratang batho ba molemo, ya hlalefileng, ya lokileng, ya halalelang, ya phelang ka boitshwaro;


Bolella banna ba hodileng hore ba tshabe botahwa, ba tshabe le ho saoha, ba be le kelello, ba loke tumelong, le leratong le mamellong.


Ka baka leo, haele moo re amohetse mmuso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Modimo ka yona ka mokgwa o o khahlisang, ka hlompho le ka tshabo;


Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


re tle re fuwe lefa le sa boleng, le se nang sekodi, le sa omelleng, le boloketsweng lona lehodimong;


Mme mohla modisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka wa kganya, o sa boleng.


le tsebo ka boitshwaro, le boitshwaro ka mamello, le mamello ka borapedi,


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Bona, ke se ke etla kapele. Boloka seo o nang le sona, e mong a tle a se ke a nka moqhaka wa hao.


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba ne ba wa ka mangwele pela ya dutseng teroneng, ba rapela ya phelang kamehla le mehla, mme ba ne ba akgela meqhaka ya bona pela terone, ba re:


Terone hape e ne e dikeditswe ke diterone tse ding tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutse, ba apere diaparo tse tshweu, ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos