Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 3:3
24 Referencias Cruzadas  

Teng, le tla elellwa mekgwa yohle ya lona le diketso tsohle tsa lona tseo le neng le itshilafaditse ka tsona, le ikgobohellwe ka baka la tse mpe tsohle tseo le di entseng;


Mohlang oo, le tla elellwa mekgwa yohle e mebe ya lona le diketso tsa lona tse se nang botle, le ikgobohellwe ka baka la makgopo a lona le la manyala a lona.


Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora eo Mora motho a tla tla ka yona.


Iponeleng, le fadimehe, mme le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.


esere, ha a etla ka ho le tsometsa, a le fihlela le robetse.


Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu.


Oho Timothea, boloka hle se beilweng kalosong ya hao, o tshabe dipolelo tsa lefeela, tsa bonyefodi, le diphapang tsa tsebo e bitswang jwalo ka leshano;


O tiisetse mohlaleng wa ditaba tsa pholoho tseo o di utlwileng ho nna, tumelong le leratong le ho Jesu Kreste.


Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.


Ke fela ke lekanya hobane, ha ke sa ntse ke le motlotlwaneng ona, ke tshwanetse ho le tsosa ka ho le hopotsa,


Baratuwa, e se e le lengolo la bobedi leo ke le ngollang lona; mme ka wona a mabedi ke ntse ke re, ke a le hopotsa hore ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng;


Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.


Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!


Feela, le nne le tiise seo le nang le sona, ke be ke fihle.


Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.


Bona, ke se ke etla kapele! Ho lehlohonolo ya bolokang ditaba tsa boporofeta ba buka ena!


Bona, ke se ke etla kapele. Boloka seo o nang le sona, e mong a tle a se ke a nka moqhaka wa hao.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Lebela, mme o tiise ho sa setseng ho seng ho ya shwa; hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos