Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa o na le mabitso a ba seng bakae Sarda, ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; ba tla tsamaya le nna ka diaparo tse tshweu, kahobane ba loketswe ke hona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “Leha ho le jwalo, o sa na le ba seng bakae Saredeise ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona. Ba tla mphelehetsa ba apere diaparo tse tshweu, hobane ba lokelwa ke hona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 O na le mabitso a seng makae le Sarda ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; mme ba tla tsamaya le nna ba apere bosweu, hobane ba tshwaneleha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 O na le mabitso a seng makae le Sarda ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; mme ba tla tsamaya le nna ba apere bosweu, hobane ba tshwaneleha.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 3:4
31 Referencias Cruzadas  

Empa ke tla siya Baiseraele ba kete tse supileng, bohle bao mangole a bona a sa kang a kgumamela Baale, le melomo yohle ya bona e sa kang ya mo aka.


Mordekai a tloha pela morena a apere seaparo sa borena sa purepera le sa lene e tshweu, a rwetse moqhaka o moholo wa kgauta, a ena le kobo ya lene le sekarelata. Mme motse wa Susane wa etsa ditlatse, o thabile haholo.


Yare ha Ya matla wohle a qhalanya marena, naha ya nna ya sweufala jwaloka Tsalmone ha lehlwa le kgetheha.


Diaparo tsa hao di nne di be tshweu, ole e se ke ya hlokahala hloohong ya hao.


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Tsoha, tsoha, o ikapese ka matla, wena Sione, o apare diaparo tsa hao tsa bokgabane, wena Jerusalema, motse o halalelang! Hobane ha ho leqai, leha e le ya ditshila ya sa tlang ho hlola a kena ho wena jwale.


Bolepo ba bona bo ke ke ba etswa diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka mesebetsi ya bona, hobane mesebetsi ya bona ke mesebetsi ya bolotsana; kgalefo le tshenyo di matsohong a bona.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.


kapa seaparong sa lene, kapa ho sa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, e le tsa lene, kapa tsa boya, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o entsweng ka letlalo,


Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe wa teng ya nang le tshwanelo; le dule ha hae le be le tlohe.


Ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a dutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se sesweu; mme ba tshoha.


empa ba tlang ho newa tokelo ya ho bona lefatshe le tlang le tsoho ya bafu, ba ke ke ba nyala, le hona ba ke ke ba nyalwa.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


ao e leng pontsho ya kahlolo e lokileng ya Modimo, le tle le etswe ba lokelang mmuso wa Modimo, oo le utlwiswang bohloko ka baka la wona.


mme le pholose ba bang ka ho ba tshosa, le ba tlose mollong, mme le ile le kobo e nang le ditshila tsa nama.


Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ka nako yona eo, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; karolo ya leshome ya motse ya heleha tshisinyehong eo, batho ba dikete tse supileng ba eshwa; mme ba bang ba tshwarwa ke ho thothomela, mme ba isa kganya ho Modimo wa lehodimo.


Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Makgotla a lehodimo a mo latela, a kaletse dipere tse tshweu, a apere lene e ntle e tshweu, e hlwekileng.


mme o neilwe ho ikapesa ka lene e ntle, e kganyang, e hlwekileng; hobane lene e ntle eo ke ho loka ha bahalaledi.


ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.


Ya hlolang, yena o tla apeswa diaparo tse tshweu, mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


Terone hape e ne e dikeditswe ke diterone tse ding tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutse, ba apere diaparo tse tshweu, ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.


Yaba e mong le e mong o newa seaparo se selelele se sesweu. Mme ba bolellwa hore ba ke ba phomole ho se hokae, palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya banababo bona ba sa tlang ho bolawa jwaloka bona, e tle e be e phethehe.


Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ya ka tsebang ho ba bala, ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone le pela Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu, ba tshwere dipalema matsohong a bona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos