Ba tla ba jwalo kaofela bao o ikgathaditseng hakalo ho eletswa ke bona, bao o sebedisaneng le bona esale botjheng ba hao; ba tla ikela e mong le e mong ka tsela ya hae; ha ho motho ya tla o pholosa.
Tshenolo 18:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae. BIBELE Ke hobane e nwesitse ditjhaba tsohle jwala ba bohale ba bohlola ba yona. Dikgosi tsa lefatshe di entse bohlola le yona, mme bahwebi ba lefatshe ba ruisitswe ke boholo ba mouno wa yona.” Baasraak Sotho NT Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya kgalefo ya bohlola ba hae, mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba tla rua ka bongata ba menate ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya kgalefo ya bohlola ba hae, mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba tla rua ka bongata ba menate ya hae. |
Ba tla ba jwalo kaofela bao o ikgathaditseng hakalo ho eletswa ke bona, bao o sebedisaneng le bona esale botjheng ba hao; ba tla ikela e mong le e mong ka tsela ya hae; ha ho motho ya tla o pholosa.
Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.
Babilona e ne e le senwelo sa kgauta letsohong la Jehova, se tahisang lefatshe kaofela; ditjhaba tsa nna tsa enwa veine ya hae; ka baka leo, ditjhaba di hlile tsa hlanya.
Ba neng ba eja menate ba timela mapatlelong; ba neng ba phuthilwe ka purepera ba paqamile dithotobolong.
Ke ka baka la bootswa bo boholo ba seotswa se kgahlisang, moloi ya rekisang ditjhaba ka bootswa ba hae, le meloko ka boloi ba hae.
Le mpa le ne le ile ho bonang na? A e ne e le motho ya apereng dikobo? A e ne e le motho ya apereng dikobo tse bonolo na? Bonang ba apereng dikobo tsa bokgabane, ba iphepang ka tse monate, ba matlung a marena.
Empa o hane bahlolohadi ba batjha; hobane ditakatso ha di ba ngadisa Kreste, ba be ba rate ho nyalwa,
Lengeloi la bobedi la latela, le re: O wele, o wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nwesitse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.
seo marena a lefatshe a febileng le sona, le ba ahileng lefatsheng ba tahilweng ke veine ya bootswa ba sona.
Mme ba ithuntshetsa dihlooho ka lerole, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! jo! Motse o moholo oo ba nang le dikepe lewatleng ba ruileng ka maruo a nonneng a wona, o ripitlehile jwang ka hora e le nngwe?
Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao.
Mo hlokofatseng, le be le mo hlomodise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ya hae: Ke dutse ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme nke ke ka tseba bofifi.
Mme marena a lefatshe a febileng le yena, a ileng a phela le yena menyakeng, a tla mo llela, a itete difuba, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae;