Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 17:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 seo marena a lefatshe a febileng le sona, le ba ahileng lefatsheng ba tahilweng ke veine ya bootswa ba sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 eo marena a lefatshe a febileng le yona, le baahi ba lefatshe ba tahilweng ke veine ya bootswa ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 eo marena a lefatshe a febileng le yona, le baahi ba lefatshe ba tahilweng ke veine ya bootswa ba hae.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 17:2
14 Referencias Cruzadas  

Babilona e ne e le senwelo sa kgauta letsohong la Jehova, se tahisang lefatshe kaofela; ditjhaba tsa nna tsa enwa veine ya hae; ka baka leo, ditjhaba di hlile tsa hlanya.


Ke ka baka la bootswa bo boholo ba seotswa se kgahlisang, moloi ya rekisang ditjhaba ka bootswa ba hae, le meloko ka boloi ba hae.


a re ho yena: Batho bohle ba ye ba bee veine e monate pele, mme ere hobane ho nowe haholo, ebe hona ho tliswang e botswa: wena veine e monate o e bolokile ho fihlela jwale.


Lengeloi la bobedi la latela, le re: O wele, o wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nwesitse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.


Ba kgopolo e le nngwe, mme ba tla neela sebata borena le matla a bona.


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


Ho ne ho ngodilwe phatleng ya hae lebitso le reng: Sephiri: Babilona e moholo, mma diotswa le wa manyala a lefatshe.


Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ya tahlehong; mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala ha ba bona sebata, hobane se ne se le teng, mme ha se yo, athe se tla boela se be teng.


Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao.


Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae.


Mme marena a lefatshe a febileng le yena, a ileng a phela le yena menyakeng, a tla mo llela, a itete difuba, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae;


Bona, ke se ke tla mo dihela diphateng, mme ba febileng le yena ke tla ba kenya tlokotsing e kgolo, ha ba sa baka diketsong tsa bona.


Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Mme ha ba ka ba baka dipolaong tsa bona, le boloing ba bona, le bootsweng ba bona, le dikutsong tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos