Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 “Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o mmetsitse, tsohle tsa ka o ikgapetse tsona, a ntshiya ke ka nkgo e lephaka. O mmetsitse jwaloka kgodumodumo, a sasamatsa mpa ya hae ka dimonate tsa ka, a mpusulosa, a ba a nteleka.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:34
21 Referencias Cruzadas  

O metsitse menono, mme jwale o tshwanetse ho e hlatsa; Modimo o ya e ntsha mpeng ya hae.


Ke wena ya arohantseng metsi a lewatle ka matla a hao; wa pshatla dihlooho tsa didrakone metsing.


re ba metse jwaloka nqalo ya bafu, ba sa utlwa; kaofela ha bona ba be jwaloka bao ba hohlomelang mokoting;


E tla ruwa ke moholodi le ke hlong; sephooko le lekgwaba di tla aha teng, mme e tla lekanngwa ka thapo ya tshenyo le ka thapo ya polao.


Leha ho le jwalo, ke setjhaba se hapetsweng, se senyeditsweng, ba tlamilwe ka ditshepe mahaheng, ba hlahletswe diteronkong; ba neetswe ho hlakolwa dintho, mme ha ho mmoloki; ba hapilwe, mme ha ho motho ya reng: Busetsa!


Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.


Bohle ba di fumaneng ba ne ba di ja, bao e leng dira ho tsona ba ne ba re: Ha re na molato, kahobane ba hlile ba sitetswe Jehova, leaho la ho loka, tshepo ya bontata bona, yena Jehova.


Ke tla kgalemela Bele Babilona, molomong wa hae ke ntshe seo a se metsitseng: ditjhaba ha di sa tla bokana teng, le hona marako a Babilona a tla heleha.


Jwalokaha Babilona a ile a diha ba hlabilweng ba Iseraele, le hona ba hlabilweng ba lefatshe lohle ba tla wa Babilona.


O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?


Ba o hloileng bohle ba o ahlamisetsa melomo ya bona, ba soma, ba tsikitlanya meno, ba re: Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse, re le fumane, re le bone.


Ha ho le jwalo, o porofete, o re: Morena Jehova o re: Erekaha le entswe lefeella, mme la teelwa hare hore le timele, le tle le ruwe ke masala a ditjhaba, mme le fetohe thusolelo ya melomo le ya maleme, le sekgobo ho ditjhaba;


Iseraele o a metswa, hara ditjhaba ba jwaloka pitsa e sa ratweng.


Utlwang taba ena, lona le pheheletseng ho metsa mofutsana le ho timetsa bafumanehi lefatsheng; lona le reng:


Hobane Jehova o tla busa kganya ya Jakobo, e leng kganya ya Iseraele; hobane balobi ba ba lobetse, ba sentse makala a merara ya bona.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos