Tite 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba se ke ba nyefola motho, ba tshabe dikomang, ba be bonolo, ba etsetse batho bohle ka mosa wohle. BIBELE Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle. Baasraak Sotho NT ba se ke ba nyefola motho, ba se ke ba rata diqabang, ba mpe ba be bonolo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ba se ke ba nyefola motho, ba se ke ba rata diqabang, ba mpe ba be bonolo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle. |
Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe.
Ho ikahela ntlheng ya marulelo a ntlo, ho molemo ho ena le ho dula ka tlung e kgolo le mosadi ya omanang.
ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ya jalang diphapang bathong ba mofuta o le mong.
O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.
Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.
Pauluse a re: Banabeso, ke ne ke sa tsebe hoba ke moprista e moholo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O se ke wa bua hampe ka morena wa setjhaba sa heno.
Le se ke la lahleha: Haele ba ditshila, haele ba rapelang ditshwantsho, haele baboki le bafebi, leha e le basodoma, le mashodu, le ba lakatsang leruo, le matahwa, le ba sebang ba bang, le ba utswang, ba jwalo ba ke ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo.
Hobane leha ke le ya sa ruwang ke motho, ke ikentse mohlanka wa bohle, ke tle ke rue ba bangata.
Ke le Pauluse, ke a le kgothatsa ka bonolo le ka mosa wa Kreste, e le nna eo ho thweng ke ikokobetsa ha ke le hara lona, empa ha ke se teng, ke ye ke le etsetse ka matla;
Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere.
Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.
Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.
Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.
Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itshena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, di falatswe ho lona.
Le bona basadi ba bona e be batho ba bokgabane, e seng baetselletsi, ba be le phadimeho le ho tshepeha nthong tsohle.
E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;
Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.
Le se ke la sebana, banabeso. Ya sebang ngwanabo, kapa ya ahlolang ngwanabo, o seba molao, o ahlola molao; mme ha o ahlola molao, ha o moetsi wa molao, empa o le moahlodi wa wona.
Jwale, le ke le lahle lonya lohle, le thetso yohle, le boiketsiso, le mohono, le diketselletso tshohle;
Hobane ya lakatsang ho rata ho phela le ho bona matsatsi a monate, e ka kgona a kganne leleme la hae bobeng, le melomo ya hae puong tsa thetso;
Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;
Ke moo ba makalang ha le sa mathele hammoho le bona kgaphatsehong eo ya bohlola, mme ba le nyefola ke hona.
haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;
Empa bao ba nyefola tsohle tseo ba sa di tsebeng; mme esita ho tsohle tseo ba di tsebang ka tsebo ya hlaho, jwaloka diphoofolo tse se nang kelello, ba itshenya ho tsona.
Balori bao le bona ba itshilafatsa nama ka mokgwa o jwalo, mme ba nyefola ba beilweng boholong, mme ba nyedisa ba kganyang.