Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le bona basadi ba bona e be batho ba bokgabane, e seng baetselletsi, ba be le phadimeho le ho tshepeha nthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Basadi le bona ba be le boitlhompho, ba se bue batho hampe, ba be le boitshwaro dinong, mme ba tshepahale dinthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ka mokgwa o jwalo basadi ba bona e be ba kgabane, e seng baetselletsi, ba hlaphohelwe, ba tshepehe nthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ka mokgwa o jwalo basadi ba bona e be ba kgabane, e seng baetselletsi, ba hlaphohelwe, ba tshepehe nthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 3:11
23 Referencias Cruzadas  

Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.


Leleme la hae ha le jale ketselletso, ha a etse wa habo hampe, ha a nyefole ngwanabo.


ere moo o dutseng, o nyefole ngwaneno, o etselletse ngwana mmao.


Ya patang hloyo o na le molomo o mano, empa ya hasang disebo ke lehlanya.


Lenqosa le tshepehang ho ba le romileng, le jwaloka lehlwa le tsedidi mohla kotulo, le phodisa pelo ya morena wa lona jwalo.


E mong le e mong a ke a itebele motswalleng wa hae, le se ke la tshepa le a mong wa habo lona, hobane e mong le e mong wa habo motho o ye a kgohlise, motswalle ka mong o ye a etselletse;


Ba se ke ba nyala mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng; ba mpe ba nyale barwetsana ba lesika la ntlo ya Iseraele, kapa mosadi wa mohlolohadi e bileng mohlolohadi wa moprista.


Ba se ke ba nyala seotswa, leha e le mosadi ya tlotlolotsweng, ba se ke ba nyala le mosadi ya hladilweng ke monna wa hae, hobane ba kgethetswe Modimo wa bona.


Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng, ho lekwa ke Diabolose.


Jesu a ba araba, a re: Ana hase nna ke le kgethileng, lona ba leshome le metso e mmedi? athe e mong wa lona ke Diabolose!


Ba tletse bokgopo bohle, le bootswa, le lonya, le takatso ya moruo, le bolotsana, ba tletse mohono, le polao, le kgang, le thetso, le manganga.


Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:


Empa e ka kgona molebedi a hloke sekodi, e be monna wa mosadi a le mong, a be le phadimeho, le masene, le hlompheho, a rate ho amohela baeti, a lokele ho ruta.


Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.


e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo;


Empa haele wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethisise tshebetso ya hao.


Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,


ba se ke ba nyefola motho, ba tshabe dikomang, ba be bonolo, ba etsetse batho bohle ka mosa wohle.


Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos