La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Sofonia 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Tseo di tla ba hlahela ka baka la boikgohomoso ba bona, hobane ba nyefotse, mme ba ikgohomositse hodima setjhaba sa Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo

BIBELE

Ona ke moputso wa boikgohomoso ba bona, kaha ba hlapaotse tjhaba sa Morena wa mabotho, ba se hlapaola ba ba ba ithorisa.

Ver Capítulo



Sofonia 2:10
18 Referencias Cruzadas  

Empa ha a ka a dumella motho ho ba tuba, mme a laya marena ka baka la bona, a re:


Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.


Ekare ha o sa ntse o ikgantsha ka setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla,


Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa ba bapileng le nna kaofela, ba babe ba hapileng lefa la ka, leo ke neng ke le abetse setjhaba sa ka sa Iseraele: Bonang, ke ya ba epolla lefatsheng la bona, le ntlo ya Juda ke tla be ke e epolle hara bona.


Le ka bolela jwang, la re: Re dinatla, re bahale ntweng?


Re utlwile boikgohomoso ba Moabe, moikgohomosi e moholo, le boikgantsho ba hae, le boikakaso ba hae, le boithoriso ba hae, le ho phahama ha pelo ya hae.


Ditshila tsa hae di teng mosehong wa kobo ya hae; ha a ka a hopola qetello ya hae, mme o wele ka mokgwa o makatsang; ha ho ya mo tshedisang. Jehova, tadima bosenyehi ba ka, hobane sera se a ithorisa.


Hobane Morena Jehova o re: Erekaha o opile ka diatla le ho tila ka leoto, mme wa thabela kgeso ya lefatshe la Iseraele ka moya wohle wa hao,


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


Tsatsing lela leo o neng o eme pela hae, tsatsing lela leo dira di neng di ya le maruo a hae, mme baditjhaba ba kena ka dikgoro tsa hae, ba laola Jerusalema ka ditaola, le wena o ne o le jwaloka e mong wa bona.


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?


Ke utlwile nyefolo ya Moabe le mahlapa a bana ba Ammone ba nyefotseng setjhaba sa ka, ba hlompholotseng moedi wa sona.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.