Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Obadia 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Tsatsing lela leo o neng o eme pela hae, tsatsing lela leo dira di neng di ya le maruo a hae, mme baditjhaba ba kena ka dikgoro tsa hae, ba laola Jerusalema ka ditaola, le wena o ne o le jwaloka e mong wa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Mohla o no emeletse kathoko, ha baditjhaba ba hahara leruo la hae, melata e kena ka dikgoro, ka kgoro tsa metse ya hae, e laola Jerusalema ka lotho, o ne o ka e mong wa baditjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Obadia 1:11
13 Referencias Cruzadas  

Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!


Ha o bona leshodu, o titimela ho lona, o tlwaelane le bafebi.


Ba botsana ba le pelo e le nngwe, ba etsa selekane ho o lwantsha:


e leng ba ditenteng tsa Edomo, le Baishmaele, Bamoabe, le Bahagarene,


Erekaha o boletse, wa re: Ditjhaba tseo tse pedi le dinaha tseo tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di rua, athe Jehova o ntse a le teng;


Setjhaba sa ka ba arolelane sona ka lotho, ba ntshitse moshanyana ho ba moputso wa seotswa, le ka ngwanana ba rekile veine, ba nwele.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Gasa — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba ile le ba hapilweng ba bangata ho ba neela Baedomo,


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


Leha ho le jwalo, le wona o o tlositswe, o ile kgolohong; bana ba wona ba ile ba tlapunngwa dikhutlong tsohle tsa diterata; ba kgabane ba wona ba loalwa ka lotho, le baholo ba wona kaofela ba bofshwa ka mahlaahlela.


Tseo di tla ba hlahela ka baka la boikgohomoso ba bona, hobane ba nyefotse, mme ba ikgohomositse hodima setjhaba sa Jehova wa makgotla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos