Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Obadia 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ka baka la bolotsana boo o bo entseng ho ngwaneno Jakobo, o tla apeswa ka dihlong, o timeletswe ruri, ho isa ka ho sa yeng kae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Kaha o no hlekefetse ngwaneno Jakobo, dihlong di tla o aparela, wena o timele, o timelle ruri!

Ver Capítulo Copiar




Obadia 1:10
30 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re ho Rebeka, mmae: Bona, Esau, ngwaneso, ke motho ya mohwete, nna ke motho ya lehwete.


Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Hobane Baedomo ba ne ba boetse ba tlile le bona, ba qhala Bajuda, ba ya le batshwaruwa ba bang.


Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo.


Ke tla apesa dira tsa hae ka dihlong, moqhaka wa hae o tla kganya hloohong ya hae.


Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!


Hobane ke ka baka la hao ke jereng ditshomo; sefahleho sa ka se kwahetswe ke dihlong.


o kgutshofaditse matsatsi a botjha ba hae, wa mo kgurumetsa ka dihlong. (Sela.)


Motho ya lokileng o rwetse mahlohonolo hloohong, empa lonya le aparetse melomo ya e mobe.


Ya tshehang mofutsana o soma Ya mmopileng, ya tlakang ditlokotsi tsa ba bang a ke ke a phonyoha kotlong.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa ba bapileng le nna kaofela, ba babe ba hapileng lefa la ka, leo ke neng ke le abetse setjhaba sa ka sa Iseraele: Bonang, ke ya ba epolla lefatsheng la bona, le ntlo ya Juda ke tla be ke e epolle hara bona.


A re laleng hodima dihlong tsa rona, re apare sekgobo sa rona, hobane re sitetswe Jehova, Modimo wa rona, rona le bontata rona, ho nka botjheng ba rona ho fihlela tsatsi lena, mme ha re a ka ra mamela lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.


Re hlabisitswe dihlong, hobane re utlwile nyediso; nyatso e apesitse difahleho tsa rona, hobane baditjhaba ba kene dinqalong tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.


Thaba, o nyakalle, moradi wa Edomo, ya ahileng lefatsheng la Utse; senwelo se tla fihla le ho wena, le wena o tahwe, o be o hlobole.


Molato wa hao o phethilwe, moradi wa Sione; ha ho sa tla ba ya o isang kgolehong; ho tla batlisiswa bokgopo ba hao, moradi wa Edomo, ho kwahollwe dibe tsa hao.


Ke tla o etsa mafeella a mehla, mme metse ya hao ha e sa tla ahuwa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ba ikgahlola ka seaparo se mahwashe, qhaqhaselo e ba apesitse; dihlong di teng difahlehong tsohle, dihlooho tsohle tsa bona ke tse mafatla.


Egepeta o tla fetoha nahathothe, Edomo e be sebataolo, kahobane ba tsohetse bana ba Juda matla, ba tsholotse madi a se nang molato naheng ya bona.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


O se ke wa hloya Moedomo, hobane ke ngwaneno; o se ke wa hloya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya hae.


Bana ba bona, ba tswallwang bona molokong wa boraro wa ditloholwana, ba tla kena phuthehong ya Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos