Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Obadia 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Dinatla tsa hao, Themane, di tla thothomela, ho tle ho fediswe banna bohle thabeng ya Esau ka polao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Wena Temana, bahlabani ba hao ba tla thothomela, bohle ba bolawe, ba bolaelwe thabeng ya Esau.

Ver Capítulo Copiar




Obadia 1:9
19 Referencias Cruzadas  

bara ba Elifase ya eba Themane, le Omare, le Tsefo, le Gaethame, le Kenase.


Jobabe yena mohla a timelang, ha busa Hushame wa naha ya Bathemane tulong tsa hae.


Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa.


Ka baka leo, utlwang morero wa Jehova oo a o reretseng Edomo, le kgopolo ya hae eo a e hopoletseng baahi ba Themane. Ruri, ba sa tla be ba ba hulanye jwaloka dikonyana tse nyenyane! Ruri, leaho la bona le tla senngwa hammoho le bona.


Bonang, o nyoloha jwaloka ntsu, o a fofa, o sarolla mapheo a hae ka nqa Botsra; mme ka tsatsi leo pelo tsa bahale ba Edomo di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.


ke tla akgela mollo Themane, o tle o tjhese matlo a borena a Botsra.


leha e le eo e leng senatla hara dinatla, o tla baleha a hlobotse ka tsatsi leo: ho itswalo ke Jehova.


Bapholosi ba tla nyolohela thabeng ya Sione, ho ahlola thaba ya Esau, mme mmuso e tla ba wa Jehova.


O senyeditswe hakakang! Hoja ke mashodu a keneng ha hao, hoja ke dinokwane, ha ke re, ba ka be ba utswitse tse ba lekanang feela? Hojane ba kotulang merara ba kene ha hao, ha ke re, ba ka be ba siile dikgwahlapiso?


Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo!


Modimo o a tla, o tswa Themane, Mohalaledi o tswa thabeng ya Parane! (Sela.) Kganya ya hae e akaretsa lehodimo, lefatshe le tletse letlotlo la hae.


le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos