Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Obadia 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, na nke ke ka timetsa ba bohlale naheng ya Edomo, le kutlwisiso thabeng ya Esau?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “na ha ke tlo timetsa bahlalefi ba Edomo, thabeng ya Esau ke fedise ba nang le kutlwisiso?

Ver Capítulo Copiar




Obadia 1:8
8 Referencias Cruzadas  

Jehova o etsa merero ya batho ntho feela; o tshwephola mehopolo ya ditjhaba.


Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?


Ba kae jwale ba bohlale ba hao? Ba fele ba o bolelle, ho tle ho tsejwe seo Jehova wa makgotla a se rerileng hodima Egepeta.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos