Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Obadia 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Se kgahlwe ke letsatsi la ngwaneno, ke letsatsi la tsietsi ya hae; se thabele ho fela ha bara ba Juda ka letsatsi la ho fela ha bona; se ahlamise molomo wa hao ka boikgohomoso ka letsatsi la tsietsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Mohla ngwaneno a hlahetsweng ke bomadimabe, o se ke wa mo shebela maotong; mohla tjhaba sa Bajuda se timetswang, o se thabele ho timetswa hoo ha sona; le mohla se leng makaqabetsing, o se ke wa ithorisa hakaalo.

Ver Capítulo Copiar




Obadia 1:12
27 Referencias Cruzadas  

Meloko e tlang e tla tsota tshenyeho ya hae, mme meloko wa jwale o tla tshwarwa ke ho thothomela.


Ha ekaba nkile ka thabela tshenyeho ya eo e neng e le sera ho nna, ka hlasimoloha mohla ditlokotsi di mo welang hodimo;


Nka bala masapo a ka kaofela; bona, ba ntadima, ba kgodisa mahlo a bona ka nna.


O mumufatse melomo ya leshano, e bolelang dipolelo tsa bohata ka boikgohomoso le ka nyefolo hodima ya lokileng!


Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.


Morena o tsheha ka yena, hobane o bona hoba letsatsi la hae le a tla.


hobane o ntopolotse ditsietsing tsa ka kaofela, mme mahlo a ka a bone tshenyeho ya bao e leng dira ho nna.


Modimo wa ka o nthakile ka mohau wa wona, Modimo o thabisa mahlo a ka ka tshenyeho ya bao e leng dira ho naa.


bahanyetsi ba ka ba tla thabisa mahlo a ka, ditsebe tsa ka di utlwe tshenyeho ya ba bolotsana, ya ba mphahamelang.


Ya tshehang mofutsana o soma Ya mmopileng, ya tlakang ditlokotsi tsa ba bang a ke ke a phonyoha kotlong.


O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


Ba o hloileng bohle ba o ahlamisetsa melomo ya bona, ba soma, ba tsikitlanya meno, ba re: Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse, re le fumane, re le bone.


Thaba, o nyakalle, moradi wa Edomo, ya ahileng lefatsheng la Utse; senwelo se tla fihla le ho wena, le wena o tahwe, o be o hlobole.


o tle o tsebe hoba nna, Jehova, ke utlwile dinyefolo tsohle tsa hao tseo o nyefotseng dithaba tsa Iseraele ka tsona, ha o itse: Di fetohile lefeella; di neilwe rona, hore e be dijo tsa rona.


Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Morena Jehova o re: Mollong wa poulelo ya ka, kannete ke nyatsa ditjhaba tse ding le Edomo kaofela, tse inkelang lefatshe la ka ho le rua; di thabetse hoo ka pelo yohle, di le kgesa ka moya wohle, hore di le neele kgapo!


Mme jwale, ditjhaba tse ngata di o bokanetse, di re: A a hlomphollwe, mahlo a rona a tle a bone kotsi ya Sione!


Ha a atametse Jerusalema, a bona motse, a o llela,


Ka mokgwa o jwalo, le lona leleme, leha e le sethwana se senyenyane, le ithorisa ka tse kgolo. Bonang, mollwana o monyenyane o ka tjhesa moru o mokakang!


Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;


Ke batho ba korotlang, ba kgananang, ba yang ka ditakatso tsa bona; melomo ya bona e bolela tsa boikgohomoso, ba tadima tshobotso ya batho ka takatso ya moruo.


Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Le se ke la hlola le bua ka boikgohomoso, boikgantsho bo se ke ba tswa melomong ya lona; hobane Jehova ke Modimo o tsebang, mme diketso di lekanngwa ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos