Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.
Sakaria 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu. BIBELE Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu. |
Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.
Modimo wa bua le Iseraele ka dipono tsa bosiu, wa re: Jakobo! Jakobo! A re: Ke nna enwa.
Jehova a iponahatsa ho Salomone, Gibeone, ka toro ya bosiu, mme Modimo wa mmolella, wa re: Kopa seo ke tla o nea sona.
le hore ba tshwanetse ho tumisa ka mokgosi le ka mangolo metseng yohle ya bona le Jerusalema taba e reng: Eyang thabeng, le late makala a mohlwaare o beang ole, le makala a mohlwaare wa naha, le makala a mirta, le makala a palema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, le tle le etse metlotlwane ka wona, kamoo ho ngodilweng kateng.
Moratuwa wa me o theohetse serapeng sa hae, pela ditema tsa dinonetso, ho fudisa hara difate le ho kga mehaladitwe.
Ke tla medisa kedare naheng e tshehla, le leoka, le mirte, le mohlwaare; ke hlome kiprese naheng e omeletseng, e mele hammoho le pine le fire;
Bakeng sa sehlahla ho tla mela kiprese, le mirte sebakeng sa moutlwa, mme hoo ho tla tumisa lebitso la Jehova, e be kgopotso e sa feleng, e ke keng ya fediswa.
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.
Yaba sephiri seo se senolelwa Daniele ponong ya bosiu; mme Daniele a boka Modimo wa lehodimo.
Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;
Daniele a bua, a re: Diponong tsa ka tsa bosiu ha ke tadima, ka bona meya e mene ya lehodimo e tsohile matla hodima lewatle le leholo.
Monna, ya emeng hara difate tsa mirte, a bua, a re: Ke bao Jehova a ba romileng ho ya le lefatshe.
Mme bao ba arabela lengeloi la Jehova le emeng hara difate tsa mirte, ba re: Re ile le lefatshe, mme bona, lefatshe lohle le dutse ka kgotso, le phomotse.
Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya leshome le motso o mong, e leng kgwedi ya Shebate, ka selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Sakaria, mora Berekia, mora Iddo, ka tsena, la re:
Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.
A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.
Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?
Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re:
Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; a fuwa moqhaka, mme a tloha e le ya hlolang le ya tla hlola.
Mme ha tswa pere e nngwe e kgunong, mme ya e kaletseng a fuwa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, hore batho ba bolayane, mme a newa lerumo le leholo.