Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 46:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Modimo wa bua le Iseraele ka dipono tsa bosiu, wa re: Jakobo! Jakobo! A re: Ke nna enwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Modimo a bua le Iseraele ka pono, bosiu, a re: “Jakobo! Jakobo!” Yena a re: “Ke nna enwa!”

Ver Capítulo Copiar




Genese 46:2
23 Referencias Cruzadas  

Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.


Kamora taba tseo, Modimo wa leka Abrahama. Wa re ho yena: Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Yaba lengeloi a Jehova le mo howeletsa, le le lehodimong, la re: Abrahama! Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Lengeloi la Modimo la re ho nna torong: Jakobo! Ka re: Ke nna enwa.


A nna a batla Jehova ka tshiu tsohle Sakaria, monna ya kelello diponong tsa Modimo; mme matsatsing ao a batlileng Jehova ka wona, Modimo wa nna wa mo atlisa.


Yare nahanong ya ditaba le diponong tsa bosiu, ka nako eo boroko bo kgalang batho,


Yaba sephiri seo se senolelwa Daniele ponong ya bosiu; mme Daniele a boka Modimo wa lehodimo.


Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu.


A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.


la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele:


Yaba lentswe le fihla ho yena, la re: Petrose, ema, o hlabe, o je.


A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele!


Teng pono ya hlahela Pauluse bosiu: monna e mong wa Masedonia o ne a le teng, a eme pela hae, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.


Morutuwa e mong, ya bitswang Ananiase, o ne a le teng Damaseka: Morena a mmolella ka pono ya mohlolo, a re: Ananiase! Yena a re: Ke nna enwa, Morena!


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


Jehova a re ho Gideone: Setjhaba seo o nang le sona se seholo haholo, hoo ke sitwang ho neela Bamidiane matsohong a sona, esere mohlomong Baiseraele ba ithorisa bakeng sa ho rorisa nna, ba re: Re namoletswe ke matsoho a rona.


Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.


Jwale Jehova a tla, a ema, a bitsa jwaloka hapele: Samuele! Samuele! Samuele a re: Bua, hobane mohlanka wa hao o mametse.


Jehova a bitsa: Samuele! Yena a re: Ke nna enwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos