Genese 46:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Iseraele a tloha a na le ntho tsa hae kaofela, a fihla Beerseba, a etsetsa Modimo wa Isaaka, ntatae, mahlabelo. Ver CapítuloBIBELE1 Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo. Ver Capítulo |
Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.
Ka baka leo, ntshang jwale dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka wa ka, Jobo, le hlahise setjheso bakeng sa lona, mme Jobo, mohlanka wa ka, a ke a le rapelle; ke ka baka la hae a nnotshi nke keng ka le otla ka baka la bowatla ba lona; hobane ha le a ka la bolela tsa ka ka ho loka, jwaloka mohlanka wa ka, Jobo.