Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 5:13
24 Referencias Cruzadas  

Jehova a iponahatsa ho Abrahama dieikeng tsa Mamre, a dutse monyako wa tente, motshehare, ha ho futhumetse.


A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,


Yaba Jakobo o phaphama borokong ba hae, a re: Kannete Jehova o teng nqalong ena, kanthe ke sa tsebe.


Jakobo a lelatsa mahlo a hae, a tadima, mme a bona Esau a etla a na le batho ba makgolo a mane. Yaba bana o ba arolela Lea, le Ragele, le makgabunyane a mabedi.


A lelatsa mahlo a hae, a bona basadi le bana, a re: Ke bomang bao o nang le bona? A re: Ke bana bao Modimo o ba neileng mohlanka wa hao.


Ka matsatsi wohle, ha nna ha fihla batho ho Davida ho mo tlatsa, ho fihlela ba ba ba etsa sera se seholo, se kang sera sa Modimo.


Mme Jehova a laela lengeloi hore le busetse sabole ya lona selateng.


mme Davida o ne a sitilwe ho ya pela aletare eo ho botsa Modimo, hobane a ne a tshositswe ke sabole ya lengeloi la Jehova.


Etlare ha lengeloi la ka le o eteletseng pele, le o fihlisitse ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bakanana, le ho Baheve, le ho Bajebuse, ha ke se ke ba fedisitse,


Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, monna o ne a le teng moo, ya apereng lene, ya itlamileng letheka ka senyepa sa kgauta ya Ufase.


Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, pheleu e ne e eme pela noka, e nang le dinaka tse pedi, dinaka tseo di ne di le telele, le leng le ne le fetisa le leng ka bolelele; le fetang le leng ke le neng le hodile morao.


Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu.


Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.


Yaba Jehova o tutubolla mahlo a Balaame, mme a bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, lerumo le tsomotsweng le le letsohong la lona; a inama, a itihela fatshe ka sefahleho.


Ba re ba sa lelaletse lehodimong, ha a ntse a nyoloha, bonang, ha hlaha ho bona banna ba babedi, ba apereng diaparo tse tshweu,


Yaba Jehova o re ho Joshua: Bona, ke neetse Jeriko matsohong a hao, le morena wa teng, le bahale ba teng.


mme hara dikandelare ka bona e mong ya kang mora motho, ya apereng kobo e hohobang maotong, ya itlamileng sefubeng ka senyepa sa kgauta.


Manowa a tloha, a sala mosadi wa hae morao, a fihla ho monna wa Modimo, a re ho yena: Na ke wena monna ya kileng a bua le mosadi enwa na? A araba, a re: Ke nna enwa.


Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos