Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme bao ba arabela lengeloi la Jehova le emeng hara difate tsa mirte, ba re: Re ile le lefatshe, mme bona, lefatshe lohle le dutse ka kgotso, le phomotse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Batho bao ba re ho lengeloi la Morena le emeng hara difate tsa mohlakola: “Re tsamaile le lefatshe lohle, mme re fumane hohle e le kgutso le kgotso.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 1:11
16 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho Satane: O tswa kae? Satane a araba Jehova, a re: Ke tswa tjhalaka lefatsheng, le ho solla teng.


Makoloi a Modimo a dikete tse mashome a mabedi, dikete le diketekete; morena o mahareng a wona; Sinai o sehalalelong.


Lefatshe kaofela le phomotse, le na le kgotso, ho hlajwa dipina tsa nyakallo.


A re: Hleka o tseba seo ke tlileng ho wena ka baka la sona na? Jwale, ke ikgutlela ho ya lwantsha kgosana ya Persia, mme ha ke se ke tlohile, bona, kgosana ya Bagerike e tla fihla.


Monna, ya emeng hara difate tsa mirte, a bua, a re: Ke bao Jehova a ba romileng ho ya le lefatshe.


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu.


haele tse matla, di a tswa, di pheheletse ho tloha, ho ya le lefatshe lohle. Mme Jehova a re: Tlohang, le ye le lefatshe. Yaba di ya le lefatshe.


Mora motho o tla roma mangeloi a hae; a tla kgetha mmusong wa hae dikgopiso tsohle le ba etsang bokgopo,


Ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe: mangeloi a tla tswa, a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,


Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,


Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos