Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 1:11 - BIBELE

11 Batho bao ba re ho lengeloi la Morena le emeng hara difate tsa mohlakola: “Re tsamaile le lefatshe lohle, mme re fumane hohle e le kgutso le kgotso.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme bao ba arabela lengeloi la Jehova le emeng hara difate tsa mirte, ba re: Re ile le lefatshe, mme bona, lefatshe lohle le dutse ka kgotso, le phomotse.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 1:11
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?” Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.”


Lona dithaba tse makgeka, keng ha le honohela thaba, thaba eo Modimo a kgahlilweng ke yona, ho e etsa leaho la hae, moo Morena a tla aha teng, a ahe teng ka ho sa feleng?


“Fatshe lohle le phomotse, le na le kgotso, bohle ba tsanyaola dipina ka thabo.


Yaba motho eo o re: “Na o tseba lebaka le ntlisitseng ho wena moo? Jwale ke tla ya lwantsha lengeloi le sireletsang Peresiya. Hoba ke tsamaye, kgosana ya Bagerike e tla tla.


Yaba motho ya emeng hara difate tsa mohlakola o a araba, o re: “Batho bana ke bao Morena a ba rometseng ho tsamaya le lefatshe lohle.”


feela ke mpa ke halefile haholo, ke halefetse baditjhaba ba iketlileng, hobane eitse ha ke ne ke halefile hanyenyane, yaba ba eketsa matshwenyeho a lona.’


Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu.


Dipere tse kwebu tsona ha di tloha di ile tsa potlakela ho haola le lefatshe lohle. Lengeloi la re: “Eyang, le haole le lefatshe lohle.” Kahoo dipere tseo tsa tloseletsa ho haola le lefatshe lohle.


Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;


Ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale; mangeloi a tla tla a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla,


Tsena ke tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona, a di neilwe ke Modimo, hore a tle a bontshe bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane. Kreste o ile a di tsebisa mohlanka wa hae Johanne, ka ho mo romela lengeloi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos