La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Ruthe 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

le Ruthe wa Moabe, mosadi wa Mahalone, ke ithuetse yena e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la ya shweleng lefeng la hae, le hore lebitso la ya shweleng le se ke la kgaolwa setjhabeng sa habo le lekgotleng la motse wa habo; kajeno le dipaki.

Ver Capítulo

BIBELE

Le bile le dipaki hore ke reka le Ruthe wa Moabe, mohlolohadi wa Mahelone, hore e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa, e le hore lebitso la mofu le se ke la fela hara bana babo, le motseng wa habo.”

Ver Capítulo



Ruthe 4:10
19 Referencias Cruzadas  

Qeta veke ya enwa, mme re tla o nea le yane hodima tshebeletso eo o tlang ho ntshebeletsa ka yona ka dilemo tse ding tse supileng.


Empa Onane, ka ho tseba hobane bana e ke ke ya eba ba hae, e ne e re ha a eya ho mosadi wa moholwane wa hae, o ne a ithusetsa fatshe, a tle a se ke a fa moholwane bana.


di mpe di ke di be pela Jehova kamehla, a fedise ho hopola ha bona lefatsheng!


Sefahleho sa Jehova se tjamela ba bolotsana ho tlosa ho hopolwa ha bona lefatsheng.


Ya fumaneng mosadi wa sebele o fumane lehlohonolo, o filwe mpho ya mohau ke Jehova.


Ntlo le leruo ke lefa la bontata motho, empa mosadi ya kelello ke mpho ya Jehova.


Leloko la hao le ka ba lengata jwaloka lehlabathe la lona; bana ba hao ba tswang maleng a hao ba ka ba bangata jwaloka majwana a lona; lebitso la hao le be le ke ke la tloswa, la fediswa pela ka!


Jakobo o ne a balehele naheng ya Siria; Iseraele a sebelletsa mosadi; ho rua mosadi a iketsa modisa.


Yaba ke ipatlela yena ka ditjhelete tse leshome le metso e mehlano le ka tekanyo ya harese e lekanang homere e nang le halofo.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.


Mme le re: Ke ka baka lang? Ke kahobane Jehova ke paki mahareng a hao le mosadi wa botjha ba hao, eo o entseng ho yena ka bolotsana, athe ke molekane wa hao le mosadi wa selekane sa hao.


Lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha Kreste le yena a ratile kereke, mme a iteletse lefu ka baka la yona;


Ngwana wa letsibolo ya tswalwang ke yena, o tla nka sebaka sa monna eo ya shweleng, a reellwe lebitso la hae, hore lebitso la eo le tle le se ke la hlakolwa Iseraeleng.


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?


Boase a re ho baholo le ho setjhaba kaofela: Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e bileng tsa Elimeleke, le tsohle tseo e bileng tsa Kilione le tsa Mahalone;