Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mme le re: Ke ka baka lang? Ke kahobane Jehova ke paki mahareng a hao le mosadi wa botjha ba hao, eo o entseng ho yena ka bolotsana, athe ke molekane wa hao le mosadi wa selekane sa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Jwale le a mpotsa, le re: “Ke ka baka lang?” Ke hobane Morena o tseba se etsahetseng pakeng tsa hao le mosadi wa hao wa matswathaka. O ile wa mo hlokela botshepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosadi wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 2:14
22 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.


hore, ha o ka hlokofatsa baradi ba ka, kapa o ka nka basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, hase motho ya tla ba le rona; o iponele, Modimo ke wona o tla ba paki ho nna le wena.


ya furaletseng motswalle wa botjha ba hae, mme a lebetse selekane sa Modimo wa hae.


Mokgwa wa mosadi wa sehlola o jwalo le wona; o a ja, o itlhakola molomo, mme o re: Ha ke a ka ka etsa bokgopo!


Mora wa ka, o ka hapuwa jwang ke mosadi wa letekatsi, wa ikamanya jwang sefuba sa mosadi osele na?


Phela hamonate le mosadi eo o mo ratang, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hao ba lefeela, boo o o neileng bona tlasa letsatsi, ka matsatsi a hao a se makae, etswe e le kabelo ya hao bophelong le mokgathaleng wohle wa hao oo o ikgathaditseng ka wona tlasa letsatsi.


Bona, o motle, thatohatsi ya ka, o motle; mahlo a hao eka a leebakgorwana.


Hobane Jehova o o lata jwalokaha ho latwa mosadi ya furaletsweng, ya hlomohileng pelo, kapa jwaloka mosadi ya nyetsweng botjheng ba hae, mme a hladilwe; ho rialo Modimo wa hao.


Ba re: Na re itimelang dijo, ha o sa re bone? Re hlokofaletsang meya ya rona, ha o sa hlokomele teng na? Bonang, ka letsatsi la lona la ho itima dijo le mathela mesebetsing ya lona, mme le hlorisa bohle ba le sebeletsang.


Hobane ba entse manyala hara Iseraele, ba febile le basadi ba banababo bona, ba hlile ba bolela mantswe a leshano ka lebitso la ka, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona. Ke mpa ke tseba hoo, mme ke paki, ho bolela Jehova.


Ba araba Jeremia, ba re: Jehova e ke e be yena paki ya nnete, e tshepehang ya rona, ha re sa etse ka lentswe le leng le le leng leo a tla o roma ho rona ka lona, hore re le etse.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.


Ka feta ka wena, ka o bona, e le ha dilemo tsa hao e le dilemo tsa lerato; ka o alla moleka wa kobo ya ka, ka apesa bofeela ba hao; ka ba ka o hlapanyetsa, ka hlaba selekane le wena, ho rialo Morena Jehova, mme wa ba wa ka.


Utlwang, lona ditjhaba kaofela! Sekeha tsebe, wena lefatshe le seo o tletseng sona, Morena Jehova e be yena ya pakang tsa lona, Morena a le tlung ya hae e kgethehileng!


Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Na motho ha a tshabe ho thetsa Modimo, haele moo lona le nthetsa? Mme le re: Re o thetsa ho eng? Ke karolong ya leshome ya tseo le di ruileng le seabong.


Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: Jehova a ke a re utlwe dipuong tsa rona; kannete re tla etsa kamoo o boletseng kateng.


A re ho bona: Jehova ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki kajeno pela lona ya hobane ha le a ka la fumana letho matsohong a ka. Yaba ba re: Ke dipaki.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos